Original Articles
Sesotho control verbs with applicative suffix
DOI:
10.1080/10118063.1997.9724107
Abstract
Maetsi (verbs) a Sesotho a kang ‘ráata’ le ‘tšába’ a ka sebelisoa le mohatlana oa keketso (applicative suffix), athe a kang ‘léka’ le ‘tsitlella’ ona a ke ke a sebetsa joalo. Pampiring ena ho bontšoa hore ‘léka’ le ‘tsitlella’ ha li amohelehe ketsetsong (in the applicative) hobane ke maetsi a laolang moetsi (subject control verbs). Ha maetsi a joalo a hoketsoe mohatlana oa keketso, ho thata ho qolla lereho le amanngoang le PRO, e leng lereho-sieo (null NP) borehong (in the infinitive). Sesosa sa taba ena ke hore lereho leo e leng moetsi pele ho hokeloa keketso ha le khotsofatse tlhoko ea Minimal Distance Principle, e leng molao o laolang karohano lipakeng tsa lereho le amehang le lereho-sieo borehong. Ha leetsi le se le le ketsetsong teng, moetsi oa lona a ke ke a khotsofatsa tlhoko ea molao ona ka ha polelong e sethathong (at deep structure) moetsi ha a eo.
Get new issue alerts for South African Journal of Linguistics